Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 65:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 ka ho kolobisa boleme ba masimo, ho phophotha makwete a wona, ho nolofatsa mobu ka pula tsa medupe, le ho hlohonolofatsa dijalo tsa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 65:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

tse tshelwang ke maru, o di nesetsa hodima batho ka medupe.


O tshollela pula lefatsheng, o mathisa metsi masimong;


O lopolla bophelo ba hao lebitleng, o o rwesa lereko le mehauhelo hloohong.


O nosetsa dithaba a le tlung ya hae e phahameng, mme lefatshe le kgora ditholwana tsa mesebetsi ya hae.


o thea matlo a hae hodima metsi, o etsa maru koloi ya hae, o tsamaya a kaletse mapheo a moya.


Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.


ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.


Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.


Phutheho ya hao ya ikahella teng; wa lokisetsa ya lesitsi mohau wa hao, Modimo!


Lefa la dithoto ke bowatla; empa ba masene ba tla rwala moqhaka wa tsebo.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,


Ke naha eo Jehova, Modimo wa hao, a e baballang, eo mahlo a Jehova, Modimo wa hao, a e tadimang kamehla, ho qala ha selemo se thwasa, ho isa ha selemo se fela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ