1 Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena!
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.
Davida a aha qhobosheaneng; ya rewa ke hona lebitso la motse wa Davida.
Areka ya selekane sa Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlala, a hobela, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.
Tsoha, Jehova, ka matla a hao! Re rata ho bina le ho rorisa diketso tsa hao tse phahameng.
Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho.
Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.
Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.
tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione.