A ba ke ba apeswe hammoho ke dihlong le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka, ho nkamoha bona! A ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!
Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.
A ba ke ba apeswe ke dihlong, le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka! a ba ke ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!
Elwa ke mang ya nyolohang feelleng, ya ikokotlelang ka moratuwa wa hae? Ke o phaphamisitse katlasa sefate sa apole, moo mmao a o tswetseng, moo ya o belehileng a o hlahiseditseng leseding.
Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.
Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.
Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.
Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.