Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.
Ka re: Jwale, ke tla tsoha, ke ye ho mmatla kahohle motseng, diterateng le mapatlelong ke batle ya ratwang ke moya wa me. Ka mmatla, mme ha ke a ka ka mo fumana!
Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.
o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.