Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 63:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 63:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batlang Jehova le matla a hae, le batle sefahleho sa hae kamehla.


Batlang Jehova le matla a hae, le batle sefahleho sa hae kamehla!


Emisetsang sehalalelo sa hae matsoho a lona, le boke Jehova!


Ba tla bolela kganya ya mmuso wa hao, ba tumise matla a hao,


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


ke tle ke finyelle aletareng ya Modimo, ho Modimo oo ke o thabelang ka hlasimoloho, ke o binele ka harepa, Modimo, Modimo wa ka!


Hobane ha o Modimo o ratang bobe. Ya kgopo ha a amohelehe ho wena.


Modimo, ba bone motsamao wa hao, motsamao wa Modimo wa ka, wa Morena wa ka sehalalelong.


wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;


Kganya le letlotlo di pela hae, matla le botle di sehalalelong sa hae.


Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.


Ke tla kgorisa meya ya baprista mafura, mme setjhaba sa ka se tla kgora menate ya ka, ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ