Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 62:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le tla phehella ho isa kae ho rusolla motho, ha le tla mo dikanela kaofela, jwalokaha ho dikanelwa lerako le sekameng le motero o heletswang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 62:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.


ba rerang bobe dipelong tsa bona, ba tsosang ntwa kamehla.


Ke beile Jehova pela ka kamehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.


Ke howeletsa, ke re: Jehova a ke a bokwe! mme ke namolelwa ho dira tsa ka.


hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;


Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.


Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)


Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.)


Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ho tla nne ho ise kae, le ntse le hana ho boloka taelo tsa ka le melao ya ka?


bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?


Hela wena, sekgoba towe! o tla robala ho le hokae na? O tla soha neneng borokong ba hao na?


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Nna ke ba rutile, ke bile ke tiisitse matsoho a bona, athe ba rerile bobe hodima ka.


Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.


Bajuda le bona ba emela Tertullo, ba bolela hore ditaba tseo di fela di le jwalo.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ