Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 60:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 60:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Ho ba mose ho Jordane, e leng Barubene le Bagade le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi, ba hlometse dibetsa tsohle tsa ntwa.


Modimo o buile sehalalelong sa wona; ke tla ithabisa ka hona; o itse: Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


le sekoto sa Gileade, le Ashtarothe, le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane, ya eba ya bana ba Makire, mora Manasse, ke ho re, ya mothapo wa bana ba Makire ka matlo a bona.


Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.


Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ