Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!
Ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, ke tla emisetsa ditjhaba letsoho la ka, ke hlomele merabe folaga ya ka, ba tle ba tlise bara ba hao matsohong a bona, le baradi ba hao ba ba pepe mahetleng a bona.
Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.