Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.
Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.
Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.
Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.
Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.
Jwale, nnee thaba ena eo Jehova a e boletseng mohlang oo; hobane o utlwile le wena mohlang oo hobane teng ho na le Baanake, hape ho na le metse ya metonana e marako; ha ekaba Jehova a ka ntlatsa, nka ba leleka, jwalokaha Jehova a boletse.
Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.