Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jehova o utlwile ho kopa ha ka; Jehova o amohetse thapelo ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Tlohang ho nna, lona bohle ba kgopo, hobane Morena o utlwile sello sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 6:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Ha ke ne ke le matswalong, ka rapela Jehova, mme Jehova a nkutlwa, a nketsetsa sebaka.


Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.


Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.


O utlwile lentswe la ka, ha ke itse: O se ke wa thibella ho fehelwa ha ka le mehoweletso ya ka tsebe ya hao.


a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka.


Ya na ya re ha moya wa ka o fela ka ho nna, ka hopola Jehova, mme thapelo ya ka ya fihla ho wena, tempeleng ya hao e kgethehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ