Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Bafu ba ke ke ba o hopola; ke mang ya ka o tlotlisang Nqalong ya Bafu?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 6:6
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


Leha metswalle ya ka e fetohile basomi, mahlo a ka a lebile ho Modimo ka meokgo;


Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.


ke wetswe jwalo ke dikgwedi tsa ho kganwetswa, mme masiu a mokgathala a beilwe kabelo ya ka.


Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nqalong e kgutsitseng;


Na lerole le ka o rorisa, kapa le ka bolela botshepehi ba hao na?


Morena, dithato tsa ka kaofela di pela hao, masisapelo a ka ha a pateha ho wena.


Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.


Hleka mohau wa hao o ya bolelwa lebitleng, le nnete ya hao moahong wa lefu na?


Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.


Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao.


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ