3 moya wa ka o tshaba haholo; empa wena, Jehova, o isa kae? ...
3 Nkgauhele Morena, hobane ke feletswe ke matla; mphodise Morena, hobane ke opelwa ke masapo,
Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;
Ke feletswe ke matla, ke robehile hampe, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka ...
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.
Na Morena a ka lahla motho ka ho sa feleng? A ke ke a boela a hauhela na?
ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!
Kgutla, Jehova! o tla isa kae ...? o hauhele bahlanka ba hao!
Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsoswa ke mang?
Oho Jehova, mphodise, ke tle ke fole; o mpholose, ke tle ke pholohe, hobane o thoko ya ka.
A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.
Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?
Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.