Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 59:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Senya, o ba senye kgalefong ya hao, hore ba se hlole ba eba teng! Ho tle ho tsejwe le dipheletsong tsa lefatshe hoba Modimo o busa Jakobo. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Sebe sa bona ke mantswe a bona, mantswe a tswang melomong ya bona; ba tshwaswe ke boikgohomoso ba bona, ka baka la dithohako le wona mashano ao ba a buang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 59:13
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.


Molomo wa hae o tletse dithohako le thetso le bolotsana; leleme la hae le patile lonya le bokgopo.


Baetsadibe a ba ke ba timelle lefatsheng, ba babe ba lese ho ba teng! Boka Jehova, moya wa ka! Bokang Jehova!


O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!


O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!


Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


E mobe o tshwaswa ke molato wa melomo ya hae, empa ya lokileng o tla tswa tsietsing.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.


O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ