Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 59:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Modimo ya nkgauhelang o tla nthusetsa, Modimo o tla etsa hore ke telle ba ntaletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 59:11
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tadima baikgantshi, o ba dihe; o hatakele ba bolotsana moo ba emeng teng.


le ho lahlela lesika la bona hara ditjhaba, le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle.


Jehova o a nkemela, ke e mong wa ba nthusang, mme ba ntlhoyang ba tla thabisa mahlo a ka.


Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.


O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;


Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


Oho Modimo, thebe ya rona, tadima, o bone sefahleho sa motlotsuwa wa hao.


Ba utlwang bona ba tseba hobane ba ya shwa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, mme ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatsheng, hobane lebitso la bona le lebetswe.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng; ba hara Jerusalema ba tswe; ba naheng ba se ke ba kena teng.


Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.


Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ