Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 58:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Dipitsa tsa lona di eso ho utlwe mollo wa meutlwa, e metala le e tukileng e tla phamolwa hammoho ke setsokotsane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 58:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.


Moya wa botjhabela o ya le yena, mme o a ikela; o mo tlosa ka matla ditulong tsa hae,


mohlomong ka ba siyo jwaloka sefolotsana se epetsweng, kapa jwaloka bana ba sa kang ba bona lesedi.


Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,


Katleho e ka tseleng ya hae kamehla; o sitwa ho bona dikahlolo tsa hao; o tsheha hodima dira tsohle tsa hae.


Leha di ka mpokanela jwaloka dinotshi, di tla tingwa jwaloka mollo wa meutlwa. Ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya.


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;


Jwaloka setsokotsane ha se feta, ya bolotsana o feta jwalo; empa ya lokileng o tiile ka ho sa feleng.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


hobane jwaloka ho qhoma ha meutlwa e beswang tlasa pitsa, ho jwalo le ditsheho tsa mawatla. Hoo le hona ke lefeela.


Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.


Ba re ba sa hlongwa, ba sa jalwa, kutu tsa bona di eso ho ise metso fatshe, a bodule hodima bona, mme ba omelle, ba nkuwe ke sefefo jwaloka mooko.


Bonang, sefefo sa Jehova ke seo, kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo se tsokotsehang se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.


empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ