Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 58:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 ya sa utlweng lentswe la ya mo weweletsang, la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 58:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke ne ke roba meno a ya bolotsana, ke ne ke hlwibila thusolelo menong a hae.


Ke mang ya ka bulang menyako ya ditlena tsa yona? Mela ya meno a yona e a tshabeha.


Roba letsoho la ya kgopo, o batlisise bokgopo ba motho e mobe, ho fihlela o sa hlole o mo fumana.


ba jwaloka tau e lakatsang ho harola, le jwaloka tawana e laletseng letsabeng la yona.


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.


Ha noha e loma e eso ho upellwe, ya e upellang ha a sa na thuso.


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.


Hobane, bonang, ke romela hara lona dinoha le diqwaane tse se nang ho upjwa, mme di tla le loma, ho bolela Jehova.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ