10 hobane mohau wa hao o moholo ho ya fihla mahodimong, le nnete ya hao ho isa marung.
10 Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe;
Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.
Hobane mohau wa hao o phahame hodimo ho mahodimo, mme nnete ya hao e fihla marung.
O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae ka ho sa feleng!
Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.
Ke rata ho o rorisa, wena, o leng matla a ka! Hobane Modimo ke qhobosheane ya ka, ke Modimo o nkgauhelang.
Ho loka ha hao, Modimo, ho phahamile ho fihla lehodimong. O entse ntho tse kgolo, Modimo; ya ka ka wena ke mang?