Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 56:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke itshepetse Modimo, ha ke tshabe letho: motho a ka nketsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 56:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.


Yaba Bajuda ba phuthehela ho rapela Jehova, mme ha tsuwa metseng yohle ya Juda ho tla batla Jehova.


Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang?


Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.


Mantswe a Jehova ke mantswe a hlwekileng, a jwaloka silefera e qhibilisitsweng fatshe, e bedisitsweng hasupa.


ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.


Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?


Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa,


Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ