3 Empa ka letsatsi la tshoho, ke bea tshepo ya ka ho wena.
3 Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla, ba bangata ba ntwantshang.
Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.
Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
Ka na ka batla Jehova, mme a nkaraba, a ba a mpholosa ho tshabeng ha ka kaofela.
Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe.
Davida a nahana taba tseo pelong ya hae, a tshaba Akishe, morena wa Gathe, haholo.
Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.