Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 56:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane o lwetse bophelo ba ka lefung, o bolokile maoto a ka ho weng, ke tle ke tsamaye pela hao, Modimo, leseding la ba utlwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 56:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


ho kgutlisa moya wa motho lebitleng, hore a tle a bonesetswe ke lesedi la bophelo.


Jehova o kokotledisa bohle ba kgothometsehang, o emisa ba inamisitsweng.


Maoto a ka a tiile mehlaleng ya hao, maoto a ka ha a thekesele.


Empa Modimo o tla hlwibila moya wa ka matleng a nqalo ya bafu, hobane o tla nkamohela. (Sela.)


Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.


Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!


a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.


Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


mme a lokolle bohle ba neng ba le bohlankeng ka matsatsi wohle a ho phela ha bona ke ho tshaba lefu.


eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ