Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 55:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Oho Modimo, o sekehele thapelo ya ka tsebe, o se ke wa furalla dithapedisiso tsa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 55:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Jehova, mamela ho loka; o sekehele mehoweletso ya ka tsebe; o utlwe ha ke rapela ka molomo o se nang thetso!


O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!


Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.


Jehova, sekehela ditaba tsa ka ditsebe, o utlwe masisapelo a ka!


Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!


Modimo, mamela mehoo ya ka, o ele thapelo ya ka hloko.


Modimo, utlwa lentswe la ka, ha ke howeletsa; o boloke bophelo ba ka ho sera se ntshosang!


Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Jehova, Modimo wa makgotla, o tla nne o halefe ho isa kae, leha setjhaba sa hao se ntse se o rapela?


Jehova, Modimo wa makgotla, mamela thapelo ya ka! Sekeha tsebe, Modimo wa Jakobo! (Sela.)


Jehova, sekehela thapelo ya ka tsebe, o ele thapediso tsa ka hloko.


O utlwile lentswe la ka, ha ke itse: O se ke wa thibella ho fehelwa ha ka le mehoweletso ya ka tsebe ya hao.


Le hona ha ke howeletsa, mme ke meketsa, o thibela thapelo ya ka.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ