Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 54:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 hobane o ntopolotse ditsietsing tsa ka kaofela, mme mahlo a ka a bone tshenyeho ya bao e leng dira ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ba ntaletseng ba ke ba putswe ka bobe; ba fedise ka baka la botshepehi ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 54:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


Davida a fetola Rekabe le Baana ngwanabo, bara ba Rimmone wa Beerothe, a re ho bona: Ka Jehova ya utlwang, ya namoletseng moya wa ka ditsietsing tsohle tsa ka, mohla e mong a neng a mphehela a re:


Pelo ya hae e tiile hantle, ha a tshohe letho, a mahlo a hae.


Jehova o a nkemela, ke e mong wa ba nthusang, mme ba ntlhoyang ba tla thabisa mahlo a ka.


ka mohau wa hao o timeletse dira tsa ka, o fedise bohle ba lwantshang moya wa ka, kahobane ke mohlanka wa hao.


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Mohlomohi ha a rapela, Jehova o a utlwa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.


O itshepise ka Jehova, o tiye ditseleng tsa hae, mme o tla o hodisa, o tle o je lefa la lefatshe; o tla bona le tshenyeho ya ba babe.


Modimo wa ka o nthakile ka mohau wa wona, Modimo o thabisa mahlo a ka ka tshenyeho ya bao e leng dira ho naa.


Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.


bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, ditsebe tsa ka di utlwe tshenyeho ya ba bolotsana, ya ba mphahamelang.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Bona, jwalokaha bophelo ba hao e bile ntho e kgolo mahlong a ka kajeno lena, bophelo ba ka bo be boholo jwalo mahlong a Jehova, mme a nnamolele ditsietsing tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ