Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 53:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 53:5
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!


Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, etswe Modimo o le hara moloko wa ba lokileng.


Masapo a rona a hasane molomong wa nqalo ya bafu, jwaloka lefatshe ha le lengwa, leha le phophothwa.


Ya dutseng mahodimong o a ba tseha, Jehova o soma ka bona,


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Tshwabo le dihlong di ke di apese ba batlang moya wa ka, ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona ba rerileng tshenyeho ya ka.


A ba ke ba apeswe hammoho ke dihlong le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka, ho nkamoha bona! A ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Hobane bona, ke ya o etsa e monyenyane hara ditjhaba, le ya nyediswang hara batho.


Ba tla bitswa silefera e kgesitsweng, hobane Jehova o ba kgesitse.


O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.


Ke tla bea ditopo tsa bana ba Iseraele pela ditshwantsho tsa bona, ke qhalanye masapo a lona pela dialetare tsa lona.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ