Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 52:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O rata bobe haholo ho botle, le leshano haholo ho ditaba tse lokileng. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 O ithorisetsang ka bobe, wena ya sehloho? Tseba, mohau wa Modimo ke wa kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 52:3
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba rera ho mo diha phahameng ya hae, ba ithabela leshanong; ba boka ka melomo ya bona, empa ba rohaka ka dipelong tsa bona. (Sela.)


Moya wa ya lonya o eletsa bobe, esita le wa habo ha a fumane mohau mahlong a hae.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.


lona le hloyang botle, le ratang bobe, le buhang batho letlalo, le be le ba tlose le nama hodima masapo a bona? ...


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


e leng bona ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba rapetseng tse bopilweng, ba di sebeleditseng, ba furaletse Mmopi ya bokwang kamehla. Amen!


e be baeki, le bahalefi, le baikgohomosi, ba ratang menate ya nama, e seng Modimo;


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ