Yaba Jehova o romela Nathane ho Davida, a tla ho yena, a re ho yena: Ho ne ho le banna ba babedi motseng o le mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana.
Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.
Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.
Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.
Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.