Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 51:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ba etsang diphoso ke tla ba ruta, ke ba rute ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 51:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Juda a re: Re tla reng ho morena ka? re tla bua dife, kapa re tle itlhatswa jwang? Modimo o fihletse bokgopo jwa bahlanka ba hao; bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le motho eo senwelo se fumanweng ho yena.


Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.


ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!


Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Mohlang oo, ke tla medisetsa ntlo ya Iseraele lenaka, mme wena, ke tla o nea molomo o ahlamileng hara bona, hore ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Empa etlare ha ke bua le wena, ke tla ahlamisa molomo wa hao, mme o tla re ho bona: Morena Jehova o a bua! ... Ho mamele ya mamelang, ya hanang a hane, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo.


A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ