Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 51:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O mpuseletse thabo ya poloko ya hao, nke ke tiiswe ke moya o mafolofolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Oho, Modimo, ako bope ka ho nna, o bope pelo e hlwekileng, o kenye moya o motjha, o tiileng, o o kenye ka sefubeng sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 51:12
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!


Athe ke tshepile mohau wa hao. Twelo ya hao a e ke e thabise pelo ya ka.


Maoto a ka a tiile mehlaleng ya hao, maoto a ka ha a thekesele.


Hape, o boloke mohlanka wa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena hodima ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, mme etlaba ke sesefile ditlolo tse kgolo.


Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!


Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.


Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.


moya wa ka o inyakalletse ho Modimo, Mmoloki wa me;


Na o mang, ha o ahlola mofo wa e mong? Leha a ka ema, leha a ka wa, ho na le monghadi wa hae; athe o tla ema, hobane Modimo o na le matla a ho mo emisa.


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ