Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.
Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.
Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.
Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.
Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.
Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!
empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.
Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.
A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.