Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.
Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.
Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.
Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?
Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.
Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.
Sekeha tsebe, Modimo wa ka, o mamele! Tutuboloha, o tadime dithako tsa rona, le motse o bitswang ka lebitso la hao, hobane leha re bea dikopo tsa rona pela hao, ha re itshepise ka ho loka ha rona, empa e le ka mehauhelo ya hao e meholoholo.