Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 50:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mamela, setjhaba sa ka, mme ke tla bua; le wena Iseraele, mme ke tla o pakela, nna ke leng Modimo, Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 50:7
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.


Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;


Mamelang ditaba tsena, lona ditjhaba kaofela; le sekehe ditsebe, lona batho bohle ba ahileng lefatsheng:


Mamela, setjhaba sa ka, ke o pakele! Iseraele, hola wa rata ho nkutlwa!


Ha ho se be modimo osele ha hao, mme o se ke wa rapela medimo ya ditjhaba!


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Ka baka leo, ke tla nne ke le tsekise, ho bolela Jehova, ke tsekise le ditloholo tsa lona.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona,


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ