Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 50:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 50:23
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!


Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Mme jwale, hlooho ya ka e tla okamela dira tse ntikileng, ke tla hlahisa mahlabelo a thabo tenteng ya hae, ke roke, ke rorise Jehova.


Ya tadimang ho yena o a ediswa, dihlong ha di sa tla ba sefahlehong sa hae.


Ho loka ho tla tsamaya pela hae, ho re etsetsa tsela mehlaleng ya hae.


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


Ke tla o rorisa, Morena, Modimo wa ka, ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao ka ho sa yeng kae!


Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!


Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.


Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.


le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo, ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o tumisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao dipesaleme.


Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.


Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,


O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.


Empa jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong ya lona yohle;


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ