Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 50:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 50:21
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A Modimo o tla ya ka wena, ha o putsa motho na? O re, ha o kgolwe ke molao oo o yang ka wona! A e be wena, e seng nna, ya kgethang o mong molao; hlahisa seo o se tsebang!


o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.


Ha ke o kgalemelle mahlabelo a hao; ditjheso tsa hao di pela ka kamehla.


se re: Na Modimo o ka tseba jwang? Mookamedi ya phahameng a ka ba le tsebo jwang?


O bea makgopo a rona pela hao, le dibe tsa rona tse patilweng o di bea leseding la sefahleho sa hao.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Ke nna Ya-leng-teng. Hape wa re: O tla rialo ho bana ba Iseraele, o re: Ya-leng-teng o nthomile ho lona.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.


Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.


Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!


Jehova o hlapantse ka kganya ya Jakobo, o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lona tsohle ho isa ka ho sa feleng.


Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ