Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 O timetsa ba leshano; Morena o nyonya babolai le bathetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 5:7
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlare ha mahodimo a thibane, pula e sa ne ka baka la hobane ba o sitetswe, ha ba rapela nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,


leha e ka ba mang le mang hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la pelo ya hae, mme a otlollela nqa tlung ena matsoho a hae,


Ya etsang ka ho thetsa, a ke ke a dula ka tlung ya ka; ya etsang leshano ha a na ho ema pela mahlo a ka.


Empa tshwarelo e teng ho wena, o tle o tshajwe.


A re keneng tabernakeleng ya hae, a re kgumameng pela bonamelo ba maoto a hae!


ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.


Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!


Ba lokileng ha ba howa, Jehova o a ba utlwa, o ba imolla matswalong a bona kaofela.


Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!


Empa nna, ke jwaloka mohlwaare o motala ka tlung ya Modimo; ke itshepetse mohau wa Modimo kamehla yohle.


Haele nna, ke ntse ke howeletsa ho Modimo, mme Jehova o tla mpoloka.


Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.


Nkutlwe, Jehova, hobane mohau wa hao o molemo; o retelehele ho nna ka mehauhelo ya hao e meholo,


Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:


Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ