Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 5:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.


o tla hlohonolofatsa ba tshabang Jehova, ba banyenyane le ba baholo.


Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona;


O retelehele ho nna, o nkutlwele bohloko ka mokgwa wa hao oo o etsang ba ratang lebitso la hao ka wona!


Jehova o tla nea setjhaba sa hae matla; Jehova o tla hlohonolofatsa setjhaba sa hae ka kgotso.


Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.


Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)


Mahlomola a mangata a lebeletse ya kgopo; empa ya itshepelang Jehova o teelwa hare ke mohau wa hae.


O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)


Binelang Modimo, le roke lebitso la wona! Batelletsang ya kaletseng lefeelleng tsela! Jehova ke lebitso la hae; itumeleng pela hae.


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ