Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 48:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 48:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana;


Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova.


Baradi ba Jerusalema, ke motshwana, empa ke motle jwaloka ditente tsa Kedare, jwaloka dilepello tsa tente ya Salomone.


Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele. —


Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele! —


Moratuwa wa me o jwalo, mokgotsi wa me o jwalo, lona baradi ba Jerusalema!


ke ena taba eo Jehova a e bolelang hodima hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokolletsa hlooho.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Empa Jesu a retelehela ho bona, a re ho bona: Baradi ba Jerusalema, se nteleleng, le mpe le llele lona le bara ba lona;


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ