Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 47:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane Jehova, Mookamedi ya phahameng, o tshwanelwa ke ho tshajwa; ke yena Morena e moholo wa lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 47:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!


Ho ke ho bolelwe matla a diketso tse tshabehang tsa hao, mme ke bolele le boholo ba hao.


Hobane Modimo ke Morena wa lefatshe lohle: o roriseng ka sefela se seholo!


Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;


Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!


O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.


Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle;


A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,


O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ