Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.
Hobane le tla tloha ka thabo, le tsamaiswe ka kgotso; dithaba le maralla di tla ntsha mehoo ya nyakallo pela lona, difate tsohle tsa naha di ope diatla.
Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!
Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!
Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.
Samuele a re ho setjhaba kaofela: Na le a bona hobane ya kgethilweng ke Jehova hara setjhaba sohle, ha ho e mong ya jwaloka yena na? Mme setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: A ho phele morena!