Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 45:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 O rata ho loka, o hloile bokgopo. Kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane ba hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 45:8
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.


O roriseng ka modumo wa thomo e dikgole le ka phala!


O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.


di tliswa ka thabo le nyakallo, di kena tlung ya morena.


Moratuwa wa me o ho nna jwaloka letlenyana la mirra le hoketsweng sefubeng sa me.


Menkwane ya hao e nkga hamonate; lebitso la hao eka setlolo se qhatseditsweng; barwetsana ba o rata ke hona.


Ke mang elwa ya nyolohang feelleng jwaloka ditopallo tsa mosi, ya arubeditsweng ka mirra le dibano le mearubetso yohle ya bahwebi?


Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, ke tla ya thabeng ya mirra le thoteng ya dibano.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Marama a hae a jwaloka tema ya dinonetso le leifo la ditlama tse monko o monate; melomo ya hae ke mehaladitwe e rothanga mirra e kwellang; matsoho a hae ke moholoko ya kgauta e rokelletsweng dikrisolithe;


Ka tsoha ho bulela moratuwa wa me, mme matsoho a me a ne a rotha mirra, le menwana ya me e ne e rotha mirra e kwellang ditshepeng tsa senotlolo.


Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.


Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo.


Nikodema ya neng a tlile pele ho Jesu bosiu, le yena a tla, a jere mira le alooe tse tswakanntsweng, boima ba tsona bo batlile bo etsa ponto tse lekgolo.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ