Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 45:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena o lakatsa botle ba hao; erekaha e le morena wa hao, o mo utlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Mamela, morwetsana; bona, o sekehe tsebe; tela tjhaba sa heno le lapa leno,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 45:11
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Terone ya hao ke terone ya Modimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka!


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


Ha o sa tsebe, wena e motle hara basadi, o latele mehlala ya dinku, o fudise dipotsanyane tsa hao pela maphephe a badisa. —


Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.


Kamoo mohaladitwe o leng kateng hara meutlwa, thatohatsi ya ka o jwalo hara barwetsana.


Thatohatsi ya ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekodi ho wena.


Thatohatsi ya ka, o motle jwaloka Thirtsa, o lakatseha jwaloka Jerusalema; le teng o tshabeha jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.


Haele bona, ba mo kgumamela, ba ntoo kgutlela Jerusalema ka thabo e kgolo.


Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka!


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.


Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ