23 Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng!
23 Ke ka baka la hao re bolawang kamehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.
Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.
Tsoha, o phaphame ho nkahlolela, Morena wa ka, Modimo wa ka, o lokise ditaba tsa ka!
Empa jwale, o re lahlile, o re apesitse dihlong, o lesitse ho tsamaya le makgotla a rona;
Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!
Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?
Na Morena a ka lahla motho ka ho sa feleng? A ke ke a boela a hauhela na?
Yaba Morena o phaphama jwaloka motho ya robetseng, jwaloka mohale ya hoiswang ke veine,
Jehova, o lahlelang moya wa ka? O mpatela sefahleho sa hao keng?
Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?
Yena o ne a le maraong, a robetse mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: Moruti, ana hase letho ho wena leha re timela na?