Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 44:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Dihlong tsa ka di pela mahlo a ka kamehla, maswabi a apesitse sefahleho sa ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 O re entse pale hara ditjhaba, merabe e re sisinyetsa dihlooho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 44:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.


ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


O mpeile sesomo hara batho; ke fetohile ntho e nyatsehang pela bona.


Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong.


A di ke di swabiswe, di fele, dira tsa moya wa ka tse batlang tahleho ya ka, di ke di apeswe ke dihlong le nyediso!


o kgutshofaditse matsatsi a botjha ba hae, wa mo kgurumetsa ka dihlong. (Sela.)


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ