Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 44:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 o re etsa tshomo hara ditjhaba, le komo ya hlooho hara merabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 44:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.


ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:


Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.


Le nna, ke ne nka bua jwaloka lona, hoja le dutse ditulong tsa ka; nka be ke loha ditaba hodima lona, ka oma ka hlooho ho lona;


O mpeile sesomo hara batho; ke fetohile ntho e nyatsehang pela bona.


Ke neetswe ditshomo tsa bona, ha ba ntadima ba sisinya dihlooho tsa bona.


O re utlwele bohloko, Jehova, o re utlwele bohloko! Hobane re se re kgotshe sekgobo haholo;


Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho,


Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.


ke ena taba eo Jehova a e bolelang hodima hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokolletsa hlooho.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ