Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 44:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 O entse hore ba re lwantshang ba re tjhetjhise; ba re hloileng ba ikgapetse tsa rona, ba ikgapela tsona ka ho rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 44:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


le ho lahlela lesika la bona hara ditjhaba, le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle.


Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


Empa nna Jehova, o a ntseba, o a mpona, o leka pelo ya ka hore na e reng ka wena? O ke o ba hulanye jwaloka dinku tse hlajwang, o ba kgethele tsatsi la polao!


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?


Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ