Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 43:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Romela lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di nkise thabeng e kgethehileng ya hao, le meahong ya hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Nthomelle lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di mphihlise thabeng ya hao e halalelang, di mphihlise leahong la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 43:3
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele moo o sa tswa fihla maobane, nka o dikadikisa jwang kajeno hammoho le rona ho ya mane le mane? Haele nna, ke ya moo nka yang. Kgutla, o kgutlise le banabeno; mohau le nnete di ke di be ho wena.


Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.


Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.


Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,


Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;


NUN. Lentswe la hao ke lebone la maoto a ka, ke lesedi tseleng ya ka.


O nthute ho etsa ho ratwang ke wena, hobane o Modimo wa ka. Moya wa hao o molemo o ke o ntsamaise naheng ya ho loka.


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Hobane sediba sa bophelo se ho wena; re bona lesedi leseding la hao.


Le wena, Jehova, o se ke wa nkganela le mehauhelo ya hao! Mohau wa hao le nnete ya hao a di ke di mpoloke kamehla!


Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.


Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.


O ya romela, o le mahodimong, ho tla mpoloka, ha ba mpefeletsweng ba nnyedisa. (Sela.) Modimo o tla romela mohau wa wona le nnete ya wona.


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.


Meaho ya hao e rateha hakakang, wena, Jehova wa makgotla!


Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng.


O tla nea Jakobo nnete, o nee Abrahama mohau oo o o baletseng bontata rona ka kano, esale mehleng ya tshimoholo.


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Bophelo bo ne bo le ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ