Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 42:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Moya wa ka o a qhashoha, o qhashoha ha ke hopola tsena: Ke ne ke tsamaya mokolokong, ke o eteletse pele, ho ya tlung ya Modimo hara mehoo ya thabo le ya teboho, ha matshwele a eya moketeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 42:5
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


ka tsamaya ka dillo jwaloka hola ke timeletswe ke motswalle, kapa ke ngwaneso; ka apara diaparo tsa bofifi le ho kobotela fatshe jwaloka hola ke llela mme.


O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.


Ke kobame, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaya ka bofifi tsatsi lohle;


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Ke itshepetse Modimo, nke ke ka tshaba letho: motho a ka nketsang?


Empa ka letsatsi la tshoho, ke bea tshepo ya ka ho wena.


Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!


Empa nna, ke tla tshepa kamehla, ke nne ke bolele dithoko tsohle tsa hao.


Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.)


Le tla bina jwalokaha ho binwa ka bosiu ba mokete, pelo tsa lona di thabe ka thabo e tshwanang le ya ba tsamayang ka molodi wa phala, ha ho uwa thabeng ya Jehova, lefikeng la Iseraele.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho wena, mme a o fe kgotso!


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ