Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 42:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 42:4
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esekiase a se ke a le tshepisa Jehova, ka ho re, Jehova o tla le namolela ruri, mme motse oo o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.


ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Hola nka boela ka bona kgwedi tse jwaloka tsa mohla monene, le ditshiu tsa mohla Modimo o neng o mpoloka!


Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!


ka baka la kgalefo ya hao le la bohale ba hao bo tukang. Efela o ile wa ntshwara, wa ntihela fatshe.


Ke kang ha ditjhaba di tla re: Na jwale Modimo wa bona o kae?


Ka thaba ha ba itse ho nna: A re yeng ka tlung ya Jehova!


Bakeng sa banabeso le sa metswalle ya ka, ke tla re: Kgotso e be ho wena!


wena motshepuwa eo re neng re buisana le wena hamonate, eo re neng re ya le wena ka tlung ya Modimo re ena le setjhaba!


Lona, setjhaba, le itshepise ka wona kamehla, le tshollele dipelo tsa lona pela wona! Modimo ke setshabelo sa rona. (Sela.)


Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


O re entse ba tsekwang ke ba bapileng le rona, dira tsa rona di re entse sesomo.


Le tla bina jwalokaha ho binwa ka bosiu ba mokete, pelo tsa lona di thabe ka thabo e tshwanang le ya ba tsamayang ka molodi wa phala, ha ho uwa thabeng ya Jehova, lefikeng la Iseraele.


Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.


Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?


ha ba kena, morena o tla kena le bona, ha ba etswa, ba tle ba tswe hammoho.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


Ke ile ke tletse, mme Jehova o nkugtlisitse ke le feela; le sa mpiletsang Naomi, athe Jehova o nkotlile, mme Ya matla wohle o ntshwabisitse!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ