Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 42:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 42:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.


Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,


Ke kang ha ditjhaba di tla re: Na jwale Modimo wa bona o kae?


Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)


ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!


Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)


Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?


moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.


Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


O se jesa bohobe ba meokgo, o ba nosa meokgo ka tekanyo e kgolo.


Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang madinyane a lona teng ... Oho! dialetare tsa hao, Jehova wa makgotla, Morena wa ka, le Modimo wa ka!


Hararo ka selemo, ba batona ba hao bohle ba tle ba hlahe pela Morena Jehova.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Hobane motho ke ofe ya utlwileng lentswe la Modimo o utlwang, o buang o le hara mollo, jwalokaha re le utlwile, mme a phela?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ