12 O mpolokile tokeng ya ka, mme o tla mpea pela hao ka ho sa yeng kae.
12 Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna.
Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.
O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.
Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.
Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.
Jehova, Modimo wa ka, ka na ka howa ho wena, mme o mphodisitse.
Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.
hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.
Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.
Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.
Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.