Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 40:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a nnyolla sekoting sa tshenyeho le tebetebeng ya diretse, a bea leoto la ka lefikeng, a tiisa mehato ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 40:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.


O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!


Hobane sera se hlorisa moya wa ka, se hatile bophelo ba ka fatshe, se nkgarameletsa nqalong e lefifi ho ba shweleng e seng e le kgale.


Maoto a ka a tiile mehlaleng ya hao, maoto a ka ha a thekesele.


O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.


Yaba lefatshe le a reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya keqa, ya sisinyeha, hobane a ne a halefile.


Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.


Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;


Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!


Ke tetebetse mokoting wa diretse, seretse se nyebella tlasa maoto a ka; ke tetebetse metsing a bodiba; maqhubu a wona a nkimela.


Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.


Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu.


Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.


Haele wena, ka baka la madi a selekane sa hao, ke tla lokolla batshwaruwa ba hao sekoting se se nang metsi.


mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ