Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 4:6
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O edisetse sefahleho sa hao ho mohlanka wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.


hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao.


Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)


Jehova, Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


O tla dula, a ntse a qhibidisa, a hlwekisa silefera; o tla hlwekisa bara ba Levi, a ba tsheke jwaloka kgauta le jwaloka silefera, mme ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.


Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho wena, mme a o fe kgotso!


mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.


Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.


Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng.


Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ